Testo Konyana - IPCC
Testo della canzone Konyana (IPCC), tratta dall'album Konyana (2000)
Pel'a tulo se tshabehang
Sa borena ba Jehova
Bohle, batho, atamelang,
Anang ka ho thothomela!
Le mo tsebe, ke Molimo
Ke 'Mopi oa lintho tsohle
Machaba, marena, bafo
Pel'a hae e ka lerole
Oa laea, oa khalemela
Ho se ea ka mo fetolang
Oa phelisa, oa timetsa
O etsa kamoo a ratang
Empa ho eena lerato
Le khanya joale ka matla
Le timetsa mehopolo
Hape, ha le na ho fela
Morena, u re bopile
U re baballa ka matla
Ntate, u re bolokile
Ha re sa na ho timela
Re tla phahamisa mantsoe
'Moho le machaba-chaba
Bohle, ka pelo e le 'ngoe
Ka mehla re tla u boka
Credits
Writer(s): Aubrey Ntshalintshali, Emma Mkhwanazi, Priscilla Lekaba, Patrick Mncube
Lyrics powered by www.musixmatch.com
Link
Disclaimer:
i testi sono forniti da Musixmatch.
Per richieste di variazioni o rimozioni è possibile contattare
direttamente Musixmatch nel caso tu sia
un artista o
un publisher.